Lefapha la thuto e phahameng le hlakotse ngodiso ya diinsititjhushene tsa Educor

Letona la thuto e phahameng Blade Nzimande o hlakotse ngodiso ya City Varsity (Pty) Ltd, Damelin (Pty) Ltd, Icesa City Campus (Pty) Ltd, le Lyceum College (Pty) Ltd e le bafani ba thuto e phahameng ka baka la ho hloleha ho fana ka dibuka tsa bona tsa ditjhelete tsa selemo sa 2021 le 2022.

“Institjhushene tsena tse nne tsa Educor, di ile tsa koptjwa ho etsa boipeletso pele kapa ka di 26 Lwetse Ba ile ba kopa ho atolosetswa nako ho fihlela ka Hlakola 2024, le hona jwale ba ntse ba kopa ho atolosetswa nako”ho boletse letona la thuto e phahameng Blade Nzimande.

Nzimande o hlalositse hore Educor ha ena tsamaiso e ntle ho latela ditletlebo tse neng di etswa ke baithuti letsatsi le letsatsi mme ho sena tharollo ho tsona.

Tse ding tsa ditletlebo tsa baithuti di kenyelletsa, thuto le thupello e se nang boleng, boqhekanyetsi letjotjo, ho tlatlatjwa ha baithuti le ho se patale basebetsi.

Ho tlalewa hape ba fanne ka dipalopalo tse sa nepahalang tsa baithuti. Ba boletse hore ba na le lenane la baithuti ba 50 000 empa bopaki bo supa ha ba na le baithuti ba 13 096.

Ha a tswelapele Nzimande o re, Educor e tla fuwa nako eo ka yona e tlang ho tsebisa baithuti ka ho hlakolwa ha ngodiso ya bona, seo ba lokela ho se etsa ka nako ya beke tse pedi.

Ba etse ditlhopiso bakeng sa baithuti ba amehileng. Ba kgutlisetse baithuti tjhelete tsa bona. Ba fane ka diraporoto.

Ba se hlole ba ngodisa baithuti ba bang botjha mme ba tlohele tshebetso pele kapa ha selemo sa dithuto se fela.

“Ha hona lesedi ka tsamaiso ya boetapele ba Educor ebile ha ho bopaki bo bontshang hore ba ntse ba sebetsana le ho rarolla mathata a na.

Se bonahalang ke baithuti le basebetsi ba siuweng feela mme re ba kgothaletsa ho kopa thuso ho lefapha la basebetsi le CCMA” Nzimande.

O boetse o re, ha maemo a ditaba a le tjena e tla be e le ho hloka boikarabelo ha Educor e ka tlohellwa e ntse e le ngodisitswe e le bafani ba thuto e phahameng.

Hape e tla be e le ho hloleha ho sireletsa ditokelo le serithi sa baithuti ba neng ba mpa ba batla ho iphumanela mangolo a thuto e le ho matlafatsa maphelo a bona.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights