Bakganni ba entseng dikopo tsa dikarete tse ntjha tsa laesense tsa ho kganna dipakeng tsa Mphalane le Tshitwe 2021 ba kgothaletswa ho di lata kapa ba ipeha kotsing ya ho re di senngwe.
Ditsi tsa Teko ya dilaesense tsa ho kganna di kgothaletsa Bakganni ho nka mangolo a bona a ho kganna diofising tseo ba kopileng ho tsona.
Mmuelli wa Road Traffic Management Corporation (RTMC) Simon Zwane, o re ho hloleha ho nka dikarete tsa laesense tse tlatsitsweng nakong ya matsatsi a 120, ho tla etsa hore di senngwe.
“Bakopi ba hlokomediswa hore molao wa 108 wa molao wa naha wa sephethephethe sa mebileng o matlafatsa ditsi tsa tumello ya ho senya karete ya laesense ya ho kganna matsatsi a 120 ka mora hore ba tsebise bakganni hore ba e bokelle,” ho boletse Zwane.
Zwane o re hang ha lengolo la ho kganna le sa batlwang le senyehile, mokopi o tla tlameha ho etsa kopo hape le ho lefa ditshenyehelo hape.
“Bakopi ba kgothaletswa ho nka monyetla ka mela e kgutshwane mme ba tle ka Labohlano, Moqebelo le Sontaha.”
Bakeng sa laesense ya hao romela nomoro ya hao ya ID ho 33214. Haeba karabo e le “Kopo e Amogetswe” ho bolela hore kopo e amohetswe ho tswa ho DLTC mme ha e so sebetswe.
Bakeng sa tumello ya hao:
- Romella nomoro ya hao ya ID ho 44220.




