- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
Ditho tsa sesole sa South African National Defence Force tse tswang Motse Kapa, se nkile monyetla nakong ya bona ya mosebetsi hoka keteka letsatsi la Setso, Ladybrand.
Ditho di ile tsa kgaba ka meaparo e fapaneng ya Basotho, MaXhosa, MaZulu, le Batswana.
Ho feta moo baile ba nka kgato metjekong e fapaneng ya setso. Ditso tse fapaneng di ile tsa hlahisa kamoo dipuisano tsa lenyalo di etsahalang kateng.
Ba bang ba ile ba bontsha mokgwa wa ho etsa tshebetso ha barupellwa sekolong.
Dihlopha di ile tsa bontsha mosebetsi o boima hore na Lebotho la Naha la Afrika Borwa le fapane hakae.
Masole a Afrika Borwa a tswang Motse Kapa ha jwale a rometswe Foreisetata Botjhabela e le karolo ya Operation Corona.
Operation Corona e phethilwe e le karolo ya taelo ya SANDF ho sireletsa botshepehi ba sebaka sa Rephaboliki ya Afrika Borwa.











