Seponesa sa Thabong Partnership ka kopanelo le Seboka sa Seponesa sa Setjhaba se kene tshebetsong ya ho hlwekisa Sekolo sa Mantshebo, Motse-Thabong moo teng ele ho keteka letsatsi la Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela.
Ditho tsa Seponesa sa Thabong Partnership di hlotse letsatsi la ho hlwekisa sekolo sa mathomo sa Mantshebo e le karolo ya metsotso e 67 ya ho khutlisetsa morero wa sechaba.
Community Policing Forum(CPF) le yona e ile ya ikopanya ho hlwekisa sekolo sa setjhaba ka kutlwisiso ya hore bophelo bo botle le bohlweki ba bana ba bona ke tsa bohlokwa haholo hore ba tsebe ho tsepamisa maikutlo thutong.
Ha sehlopha se ntse se phathahane ka ho hlwekisa, Mokhanselara wa ward 12 Sabata Moseu o ile a fihla ho tla thusa sehlopha mme le ena a tla le dijo tse hlabollang ho leboha maponesa le ditho tsa CPF ka mosebetsi o motle oo ba o etsang.
Ho phethela letsatsi, banana ba banyenyane ba dilemo tse pakeng tsa 7 le 13 ba ile ba thabisa ditho ka mmino wa setso le motjeko ha sehlopha se ntse se phethela morero wa bona wa ho hlwekisa.







