Sepolesa se letsholong la ho batlana le mabeta

Sepolesa sa Welkom se letsholong la ho batlana le monna a sa tsebahaleng, a buang Sesotho sa Lesotho
mabapi le ho beta mosadi ya dilemo di 28, selemong se fetileng ka di 24 Lwetse 2023, ha rampa ya
bosiu.

Mosadi eo o tlalehile hore o ne a tswa tapotapong Welkom ka hara toropo a emetse tekesi kantle, ha monna eo a sa mo tsebeng a mo hula ka dikgoka mme a tsamaya le yena a mo lebisa ka mora setsi sa mabenkele a ntse a mo tshosa a mo tshepisa ho mmolaya.

“Mmelaelwa o ile a mo hlobodisa mme a mo beta. Setshwantsho sa motho haholoholo ya batlwang ke mapolesa se entsweng botjha ka ponahalo ya sefahleho ho latela ditlhaloso tsa paki se ile sa etswa ke sepolesa.

Ke monna ya motsho ka lebala, a bohareng ka seemo, a ka bang bolelele ba 1,7. Hodimo o ne a apere jeresi e ntsho, bodukgwe bo botsho le dieta tse ntsho” ho bolela Stephen Thakeng mmuelli wa sepolesa sa Lejweleputswa.

Nyewe ya peto e butswe mme dipatlisiso di tswelapele.

Motho o fe kapa o fe a ka bang le lesedi la ho fumana mmelaellwa o koptjwa ho letsetsa lepolesa le tshwereng nyewe ena eleng Mande Jacobs ho 071 679 0988 kapa 08600 10111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights