SASSA e kgothaletsa beng ba mehala ba se kgethe mokgwa wa ho lefa wa EFT

Setheo sa Tshireletso ya Setjhaba sa Aforika Borwa (SASSA) se ipileditse ho bajalefa bohle ba kgethehileng ba dithuso tsa SRD-R350 kapa bakopi ba se nang mehala e bohlale ho se kgethe mokgwa wa ho lefa wa EFT.

Polelong ya kajeno, 4 Mphalane, setsi se boletse hore mokgwa wa ho lefa wa EFT o hloka mehala tse bohlale tse nang le ditshebetso tse dumellanang bakeng sa thekiso e jwalo.

Lefapha la tlhokomelo ya bareki porofinseng ya Mpumalanga, le amohetse ditletlebo tse ngata ho tswa ho bajalefa moo ba hlolehang ho sebetsana le tefo ya EFT.

“Setsi se fumane hore bajalefa bohle ba sa kgoneng ho sebetsana le tefo ya bona ya EFT, ke hobane mehala ya bona e se na khomphutha kapa marang-rang.

Setsi se hlokomedisa bajalefa ho kgetha mokgwa o nepahetseng wa ho lefa ho qoba tshitiso efe kapa efe,” SASSA e boletse.

Mekhoa eohle e sebetsang ya ho lefa e ka fumaneha marang-rang a semmuso a SASSA ho https://srd.sassa.gov.za.Beneficiaries.

Bakopi ba ka kgetha ho fumana tefo ka barekisi ba kgethilweng ba semmuso le mekgatlo ya ditjhelete.

“Bajalefa kapa bakopi ba tlameha ho etsa bonnete ba hore ba ntjhafatsa ditaba tsa botho jwalo ka dinomoro tsa mehala, difane le di-account tsa ditjhelete, haeba ho ka ba le diphetoho.

“Sena se tla netefatsa moamohedi ya nepahetseng le ho qoba ho se amohelwe ke tefo, “setsi seo se boletse.

SASSA e boetse e kgothaleditse bajalefa ho qoba ho kopa thuso ho batho bao ba sa ba tsebeng ha ba ntjhafatsa ditaba tsa bona.

Setsi se re batho bao o sa ba tsebeng ba ka sebedisa dintlha tsa motho ya ruileng molemo bakeng sa diketso tsa bomenemene.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights