Motlatsi wa Mopresidente wa mehleng David Mabuza o hlokahetse

Motlatsi wa Mopresidente wa mehleng David Mabuza, o hlokahetse sepetlele ka Labone, 3 Phupu, a le dilemo di 64. Mabuza o sebeditse e le Motlatsi wa Mopresidente tlasa boetapele ba nako ya pele ya Cyril Ramaphosa.

Mongodi-kakaretso wa ANC, Fikile Mbalula, o netefaditse litaba tsena mme a fetisetsa matshediso a hae ho lelapa la Mabuza.

“Ke ka maswabi a tebileng le dipelo tse bohloko hore ebe re ithuta ka ho hlokahala ha Motlatsi wa Moporesidente wa mehleng wa Rephaboliki le mohale wa mokgatlo wa rona, Comrade David Dabede Mabuza.”

Mbalula o re Mabuza o ile a sebetsa ka thata Afrika Borwa.

“Ho tloha matsatsing a hae a ntweng kgahlanong le kgethollo ho isa boetapeleng ba hae e le Tonakgolo ya Mpumalanga mme hamorao e le Motlatsi wa Moporesidente, e ne e le mokganni ya itetseng ya neng a jere boleng ba kopano, boitshwaro le diphetoho,” ho rialo Mbalula.

“Ho bua ka botlalo lebitsong la African National Congress, re fetisetsa matshediso a rona a tswang botebong ba pelo ho lelapa la hae, metswalle, makhomreiti le batho ba Afrika Borwa.

Mokgahlo wa Economic Freedom Fighters (EFF), o rometse molaetsa wa matshidiso.

“Retlotla David Mabuza e seng feela bakeng sa maemo ao a neng a a tshwere, empa le ka ho ba karolo ya moloko wa Bathobaso ba Afrika Borwa ba ileng ba ema kgahlanong le puso e mabifi mme ba itlama, ho sa tsotellehe kotsi ya botho, morerong wa setjhaba se lokolohileng le se lekanang. A David Dabede Mabuza a phomole ka kgotso ya phetohelo”.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »