- Empowering futures: Samsung Innovation Campus graduates transform into future tech leaders - October 2, 2024
- DA condemns mayoral vehicle worth a whooping R700k - August 28, 2024
- Welkom residents live in fear after double shooting tragedy - August 18, 2024
Moporesidente Cyril Ramaphosa o lebelletswe ho tekena Bili ya Lekgotla la Naha la Dikgoka le Dipolao tsa Basadi le Sehlomathiso sa Bili ya Bolaodi ba Botjhotjhisi ba Naha moketeng o tla tshwarelwang motsemoholo Pretoria, Union Buildings ka Labohlano, hosane.
Ho ya ka Kantoro ya Moporesidente, Bili ya Lekgotla la Naha la Dikgoka le Dipolao tsa Basadi ke “kgatelopele e bohlokwa ya ho netefatsa polokeho le tshireletseho ya basadi ba maemo ohle a bophelo.”
“Ho thehwa ha lekgotla le ikemiseditseng ho tsamaisa katamelo ya setjhaba kaofela ho lwantsha sewa sena ke ntho ya bohlokwa.
“Lekgotla e tla ba mokgatlo wa molao o jereng boikarabelo ba ho fana ka boetapele ba lewa ho fedisa dikgoka le dipolao tsa basadi Afrika Borwa,” ho rialo Kantoro ya Mopresidente.
Ho sa le jwalo, Sehlomathiso sa Bili ya Bolaodi ba Botjhotjhisi ba Naha e betla tsela, hara tse ding, bakeng sa phano ya ho thehwa ha Bolaodi ba dipatlisiso kgahlanong le bobodu.
“Bokaedi, boo ha nako e ntse e ya bo kenyeletsang Bolaodi bo ntseng bo le teng ba Dipatlisiso, bo tla ba le bokgoni ba ho etsa dipatlisiso bo etelletsweng pele haholoholo botlokotsebeng bo tebileng kapa bo sa lokang bo entsweng bobodung bo tebileng, bo phahameng kapa bo rarahaneng, botlokotsebe ba kgwebo kapa ba ditjhelete.
“Molao o laela hore Lefapha la Dipatlisiso bo fuwe matla le disebediswa le metswedi e hlokehang ho phetha mesebetsi ya yona,” ho rialo Kantoro ya Moporesidente.