Moatlelete, Thobile Mkhize, o behile Yunibesithi e Bohareng ya Thekenoloji (CUT) e Foreisetata mmapeng, ka mora hore a tlise medale wa boronse lapeng ho tswa Dipapading tsa 2022 Confederation of University and College Sports Associations.
Mkhize, ya neng a sa emele CUT feela empa le Aforika Borwa moketeng wa matjhaba, o ile a kenela lebelo la 1500m, moo teng a tswileng maemong a boraro.
Pejana selemong sena, o ile a nka karolo ho USSA (United States Students Association) Track & Field Championships, moo a ileng a tshwaneleha bakeng sa tlhodisano ka ho qeta peiso ka nako e rekotilweng.
Ngwanana wa torotswana ya Mkhambathini, porofinsing ya KwaZulu-Natal, Mkhize o qadile ho matha sekolong sa mathomo.
Mohapi wa kgau ya boronse o na le lefahla, eo e leng kgothatso ya hae e kholo.
“Ke fumana tshehetso e ngata ho ausi wa ka wa lefahla le metswalle e haufi, kaha batswadi ba ka ba hlokahetse,” ho rialo Mkhize.
“Kgaitsedi ya ka ke matla a ka a maholo; ke morethetho waka. Ke qadile ho matha sekolong sa mathomo mme ka mora ho lemoha bokgoni ba ka, ha kea ka ka hetla morao, kahoo, ke ntse ke matha bophelo bohle ba ka, “a phaella ka ho re.
Mohapi o boetse a re ho matha ho hloka boitelo le boitshwaro bo bongata.
“Ho boima hobane ke motho, hape ke batla ho etsa dintho; e bile leeto le lelelele, empa ena e bile katleho ya ka e kgolo hobane ke ne ke sa emetse unibesithi feela, empa ke emetse naha ka kakaretso,” ho boletse Mkhize.






