Malome (52) o imisa motjhana ya dilemo di 13

Monna ya dilemo di 52 o llelwa ke ditshepe ka mora ho beta motjhana wa hae ya dilemo di 13 mane Nyakallong, Allenridge kweding ena e hodimo.

“Ho fumanehile hore ngwanana enwa ya ntseng a le sekolong sa mathomo o ithwetse mme diteko di ile tsa etswa tleliniking ya lehae tse ileng tsa netefatsa taba ena,” ho boletse mmuelli wa sepolesa wa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng.

Thakeng o tswela pele ka hore lehlasipa le ile la supa ha malome wa hae ele ena monga ketso ena, e nyarosang mmele. Nyewe e ile ya bulwa mme ya lebisa ho tshwarweng ha mmelaellwa.

Mmelaellwa o ile a hlaha ka pela lekgotla la dinyewe la Odendaalsrus, Mantaha ka la 10 Phupjane. Malome a qoswang o lebellwetswe ho hlaha hape ka pela lekgotla la dinyewe ele ho etsa kopo ya beile beke e tlang, ka Labobedi la 18 Phupjane.

Nyewe ena e ntse fuputswa ke detective sergeant Lehlohonolo Fonya wa Welkom Family Violance, Child Protection and Sexual Offenses Unit.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights