Sehlopha sa botsamaisi ba sekolo se sebedisana le Banka ya Capitec ho fana ka yunifomo ya sekolo Nyakallong

Ka mora dikopano tse mmalwa le banka ya batho, Capitec, sekolo sa Tshirelletso, motseng wa Nyakallong, se ile sa qetella se abetswe yunifomo ya sekolo ho baithuti ba hlokang ka Labobedi la la 3 Phato 2021.

Sehlopha sa botsamaisi ba sekolo le SGB, se ile sa atamela banka mme sa kopa menehelo ho banka.

Ho teka bopaki, sehlopha se ile sa nehelana ka bopaki ba hore batswadi ba bona ha ba sebetse le ditshwantsho ho paka hore bana ha ba na yunifomo e nepahetseng.

Baithuti ba fumaneng yunifomo e ntjha ya sekolo, ba ile ba sitwa ho pata lethabo la bona, ke poseselo ya ho fumana diaparo tsa sekolo.

Ho ya ka Modulasetulo wa sehlopha sa botsamaisi ba sekolo, Shima Mahlatsi, o lebisitse diteboho ho banka ya Capitec ka ho sebedisana mmoho le bona.

“Jwalo ka Modulasetulo, ke rata ho fetisa mantswe a diteboho ho Capitec le Sekolo sa Tshirelletso. Ho monate ho etella pele sehlopha se setle se sebetsang ka thata le se ikemiselitseng,”Mahlatsi wa hlalosa.

Mahlatsi o bo etsa a hlalosa hore o kentse kopo ho khampaning ya meepo ya Harmony, ho fa baithuti ba tswang dikolong tse tharo dieta tsa sekolo.

“Re dumellane le Harmony, mme matsatsing a mmalwa ba tla be ba fana ka dieta tsa sekolo,” Mahlatsi o hlalosetsa Kasi Voice News.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights