- Griquas off to a Winning Start at Under-20 Women’s Rugby Week - October 7, 2025
- Qetellong: Kotlo ho majoro wa Matjhabeng ke hore a emelle ka thoko nakwana - July 23, 2024
- Springboks crash Portugal to claim outright victory in Bloemfontein - July 22, 2024
Komiti ya phethahatso ya profense (PEC) ya mokga wa ANC e nkile qeto ya hore majoro wa mmasepala
wa Matjhabeng Thanduxolo Khalipha a itokolle ka ho panya ha leihlo.
Qeto ena e fihletswe ka la 21 Phupu 2024, mane Kaizer Sebothelo Building, Mangaung.
Tsena di tla ka mora hore komiti e be kopanong e telele e le ho sekaseka qeto ya bona.
Khalipa o tloswa setulong hobane a ena le dinyewe tse pedi tse fapaneng hodima hlooho ya hae.
Khalipa o shebane le qoso ya tlhaselo le dipolao tse pedi tsa tlolo ya molao, moo teng a qositsweng
semolao ka la 18 Motsheanong ho latele ya tlhaselo le ditshoso tse nkileng sebaka Thabong, Welkom ka
la 15 Motsheanong.
Komiti ya phethahatso ya profense(PEC) e phatlaladitse ha MMC Sebata Moshoeu e tla ba yena majoro
wa nakwana.