Batho ba bahlano ba tshwerwe ka lebaka la teko ya boshodu ya kgwebo Hertzogville

Babelaellwa ba bahlano ba ile ba tshwarwa ke maponesa a Hertzogville le Christina ketsahalo ya boshodu e etsahetseng ka la 19 Mphalane, nakong tsa hoseng horeng ya borobong.

Babelaellwa ba babedi ba neng ba tsamaya ka koloi ya Audi e silevera e nang le dinomoro tsa ngodiso ya profense ya Gautengt ba fihlile lebenkeleng la majwala, mme ba supa mosebeletsi ka sethunya.

Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, mosebeletsi o ile a kgona ho baleha ha babelaellwa ba ntse ba bula dihatsetsi yaba o tsebisa mohiri wa hae ya ileng a ikopanya le maponesa.

Ditho tsa Hertzogville SAPS di ile tsa arabela hang-hang, mme tsa tsebisa ditho tsa Christiana SAPS tse ileng tsa kwala borokgo.

“Ditho ke tse latelang Johannes Dreyer, Johan Thiart, Ruphus Seretsi, Errol Bannock le Mongezi Mbalula le Lawrence Leboea le Zanele Mehlwana ba ile ba tswa letsholo ho ka tsoma dinkowane tsena,” ho rialo Thakeng.

“Koloi e neng e batlwa e ile ya bonwa haufi le Christiana Bridge mme mokganni a reteleha a kgutlela ka tsela ya Hertzogville ha a bona maponesa.

Koloi ya Mazda sedan e ile ya lelekwa, mme babelaellwa ba bararo ba tshwarwa ba nkile dithunya tse tharo tse patilweng ka hara koloi.

“Mmelaellwa wa bone o ile a emiswa ha a ntse a kganna koloi ya Audi mme a tshwarwa,” Thakeng wa eketsa.

‘Mmelaellwa wa bohlano ya neng a kganna Peugeot e kgubedu ya ngodiso ya Gauteng o ile a tshwarwa Vierfontein ka thuso ya Hertzogville Farmers Safety.

Ho nkuwa ka mahahapa ho latelang ho entswe dithunya tse tharo, di-cellphone tse tsheletseng le dikoloi tse tharo.

Babelaellwa, Thabang Kgosi (44), Lungile Khoza (42), Sophie Buzara (37), Vitals Sibanda (26) le Emmanuel Ndlovu (40) ba ile ba hlaha ka pele lekgotleng la Hertzogville ka la 20 Mphalane, mme nyewe e tjhetjhiseditswe morao, ka la 25 Mphalane bakeng sa kopo ya semmuso ya beile.

Mokomishinara wa setereke sa Lejweleputswa, Lerato Molale, o ile a thoholetsa tshebetso e atlehileng ya kopanelo pakeng tsa Hertzogville SAPS, Christiana SAPS hammoho le Farmers Safety ho netefatsa hore babelaellwa ba bahlano ba tshwerwe ka dithunya tse tharo, dikoloi tse tharo le mehala ya cellular e tsheletseng.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights