- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
Sekolo sa motheho sa Gugulethu se Namahadi, Foreisetata se satswa ho amohela laeborari ya khontheina, ho tswa ho Avbob foundation – e tshwauweng e le phethoho e ntle bakeng sa sekolo se tshwanelehang.
E ne e le letsatsi la thabo bakeng sa baithuti, mosuwehlooho, mesuwe le mesuwetsana ha mmoho le setjhaba sa Namahadi jwalo ka ha ba ne ba keteka mmoho le basebeletsi ba lefapha nakong eo Avbob foundation e neng e nehelana ka laebrari ya khontheina ya bo 69 le mefuta e fapa-fapaneng ya dibuka ho akarelletsa le dibukantswe
Baithuti ba ile ba fana ka dithoko le melaetsa ya kananelo ho Avbob.
Posong ya bona ya X e tsejwang e le Twitter, Avbob e itse: “Sena ke sesupo sa tshepo le kgolo, laeborari ena e bulela baithuti, mesuwe le mesuwetsanatsana) menyetla e sa feleng. Ha se ka ha dibuka feela, empa e mabapi le ho aha bokamoso. Re leboha haholo ho lefapha la thuto ya motheo bakeng sa tshehetso ya bona.”
Mosuwehlooho o amohetse tsena tsohle lebitsong la sekolo mme a leboha Avbob ka ho tlisa phethoho e ntle sekolong sa boemo bo tlaase sa Gugulethu. O ile a itlama ho netefatsa hore laeborari e tla hlokomelwa le ho sebediswa ka katleho ke mesuwe, mmesuwetsana mmoho le baithuti.
Ho pholletsa le merero ena ya kabo ya thepa, Avbob e buile ka hore thuto ke setshehetsi se seholo ka ho fetisisa matseteng a bona a mekgatlo ya setjhaba, kahoo ba itlamme ho fana ka dilaeborari tse 500 naha ka bophara, ba ntse ba sa lebale le dibaka tse tebileng tsa mahaeng.
Mookamedi ya ka sehloohong wa Avbob; mosuwehlooho wa sekolo, modulasetulo wa SGB le motsamaisi wa setereke ke bona ba sehileng le lente.





