- Griquas off to a Winning Start at Under-20 Women’s Rugby Week - October 7, 2025
- Qetellong: Kotlo ho majoro wa Matjhabeng ke hore a emelle ka thoko nakwana - July 23, 2024
- Springboks crash Portugal to claim outright victory in Bloemfontein - July 22, 2024
Melaetsa ya matshidiso e ntse e kena lelapeng la Tumahole ka mora hore moradi wa bona ya dilemo di 19 e leng Thato Tumahole a bolawe ka sehloho ka mora honyamela tsatsing la 10 Motsheanong 2024, mane Welkom.
Mme wa hae o tlalehile ketsahalo ena sepoleseng se haufi mme o ile a leka le ho mo sheba haufi le habo le hoja hoo ho ile ha fetoha lefeela.
“Diphuputso tse matla di ile tsa etswa mme tsa lebisa ho tshwarweng ha mohlankana ya dilemo di 22 e leng Mamello Katleho Seape, yeo ditlaleho di boletseng ha a ne a le dikamanong tsa marato le Thato. Mohlankana enwa ya
boletsweng o tshwerwe ka la 16 Motsheanong 2024, ho elleng horeng ya 15:30, mme o ile a bolela ha a bolaile Thato mme a lahletse setopo sa haOld Shaft Mine,” ho boletse mmuelli wa sepolesa sa Lejweleputswa Stephen Thakeng.
Sehlopha sa pholoso merafong, Welkom K9 le sehlopha sa dipatlisiso bai le mmoho sebakeng sa ketsahalo mane Old Shaft Mine e ikarabellang ho Harmony Welkom, bana bohle ba ile tlasa lefatshe ho lo ntsha masalla kapa molora wa motho ya tjheleng yeo ho neng ho na le kgonahalo ya hore e kaba Thato ka la 22 Motsheanong 2024.
Thakeng o tswella pele ka hore, sepheto sa Forensic se tswile ka la 30 Motsheanong 2024, mme se netefaditse hore e feela e le masapo, masala kapa ona molora wa Thato Tumahole eo e leng moithuti wa sehlopha sa leshome sekolong
sa Welkom High School.
Mohlankana enwa ya dilemo di 22, o pharuwa ka diqoso tse mmalwa, polao, ho setisana le letsoho la molao, ho hlekefetsa setopo sa motho.
Seape otla hlahella ka pela lekgotla la dinyewe la welkom ka la 7 Phuptjane 2024, ele hore a tle a etse kopo ya beili. Nyewe ena e fuputswa ke Detective Seargeant Fanisile Kojane wa Welkom Serious and Violent Crimes.