- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
Sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bloemfontein Celtic, Siphiwe ‘Dr Mndandi’ Mkhonza o hlokahetse hoseng a le dilemo di 44.
Lelapa la hae le netefaditse hore Mkhonza o hlokahetse dihoreng tsa hoseng tsa Labobedi kamora ho lwana tshwaetso ya diphio nako e telele.
Mkhonza o qadile mosebetsi wa hae wa ho bapala bolo ya profeshenale ka 1999 moo teng a neng a bapalla Bloemfontein Celtic.
Hamorao, o ile a bapalla Ria Stars le Golden Arrows pele a tekenwa ke Chiefs ka 2004. O ile a boela a fumana pitso ho Bafana Bafana matsatsing a hae a le sehlopheng sa Naturena.
Ka mora Chiefs, o ile a ya ho SuperSport United, Maritzburg United, AmaZulu le Black Leopards dikarolong tsa ho qetela tsa mosebetsi wa hae.
Ka mora ho fanyeha dieta tsa hae, o ile yaba mohlahlobi wa TV wa SABC, mme a etsa dithuto tsa bokwetlisi. Leha ho le jwalo, o ne a ile a nyamela moeeng morao tjena ka mora ho lwantsha tshwaetso ya diphio, mme ka maswabi a hlokahala hoseng wa kajeno.
Matshediso a se a qadile ho kenella bakeng sa mofu Mkhonza sethaleng sa ditjhaba:


