Home Affairs e eketsa ditefiso tsa diphasepoto ka 50%

Ditheko tsa diphasepoto Afrika Borwa di tla bona keketseho ya 50%, sena se phatlaladitswe ke Lefapha la Lehae (Home Affairs) ka Labohlano la la 7 Mphalane.

Lefapha la Merero ya Lehae le ekeditse tefo ya ditokomane tsa ho eta ka sekgahla sa 50%.

Theko ya diphasepoto tse tlwaelehileng, eo esale e le R400 ka dilemo tse fetang leshome, etla nyoloha ho R600 ho tloha qalong ya kgwedi ya Pudungwana.

Phasepoto e kgolo e maqephe a 48, e tla nyoloha ka R600 ho ya ho R1 200 ha disetifikeiti tsa leeto la tshohanyetso di sa fetohe ho R140.

“Tokomane leha e le efe ya maeto e fanweng ka ntle ho rephabliki le yona e tla bitsa theko e imenneng habedi, mme diphasepoto tse tlwaelehileng di nyolohela ho R1 200, mme maxi a tla bitsa R2 400,” ho rialo Lefapha.

Lefapha le boletse hore ditefiso tse lefuwang bakeng sa ditokomane tsa maeto tse lahlehileng, tse utswitsweng kapa tse senyehileng le tsona di tla bitsa tjhelete e habedi ya tefo ya pele.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights