Moporesidente Ramaphosa o tlo hlakisa merero ya ho sebetsana le ho kgaolwa ha motlakase ha Eskom

Kantoro ya Moporesidente e netefaditse hore Moporesidente Cyril Ramaphosa o tlo etsa tsebiso kamora matsatsi a seng makae mabapi le merero ya tshohanyetso ya mmuso ya ho rarolla bothata bo ntseng bo eketseha ba ho tingwa ha motlakase naheng.

Lengolong la hae la morao tjena la beke le beke, Ramaphosa o amohetse hore mmuso o tlameha ho nka kgato ka sebete ho rarolla bothata bona

O ile a dumela hore ho ne ho se na tharollo e bonolo empa a re “Mmuso o ikemiseditse ho hlahloba menyetla e mengata ya ho etsa bonnete ba hore ho fehlwa motlakase o lekaneng ho finyella ditlhoko tsa matla a naha.”

Ho hloleha ha Eskom ho boloka motlakase le ho kenngwa tshebetsong ha ho tima ha motlakase ho bile le kgahlamelo e mpe moruong.

Mmuelli wa kantoro ya Mopresidente Vincent Magwenya, o re Mopresidente o tla bua le setjhaba hang ha a qeta ho buisana le ditsebi tsa lefapha la matla.

“Ho na le mosebetsi o mongata o ntseng o etsahala, mme Moporesidente oo kganna o tla fihla sehlohlolong sa moralo o tshepahalang, o tshwarehang, o ka lekanyetswang o tla lebisa tharollong ya bothata moo re ka tsitsisang marang-rang a Eskom le ho leka ho qoba dithulaganyo,” ho tlalehile Magwenya.

“Mopresidente o buisana le bankakarolo ba mmalwa le ditsebi tsa mafapha a mang kantle ho mmuso, ho tla ka leano leo a ka le hlahisang kapele ho setjhaba,” Magwenya wa eketsa.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights