- Tembisa hospital scandal: billions looted as patients suffer - September 30, 2025
- Corruption Crackdown: Matjhabeng politicians’ pocket big bucks, EPWP cash halted - July 29, 2025
- Inquiry finds racial bias in medical aid schemes’ treatment of black doctors - July 29, 2025
Ka mora hore ho senollwe ditletlebo tse makatsang ke mookamedi wa maponesa profenseng ya KwaZulu-Natal, Nhlanhla Mkhwanazi, African National Congress (ANC) e kopa Mopresidente Cyril Ramaphosa ho araba diqoso tse be ilweng ka pele ke Mkhwanazi.
Ha a bua le boraditaba ka Mantaha, Mongodi-Kakaretso wa ANC Fikile Mbalula, o ile a hlalosa bohlokwa ba ditletlebo tse lebisitsweng ho Letona la Maponesa, Senzo Mchunu, a hatisa hore mokga o busang o ke ke wa sireletsa mang kapa mang ya amehang ditabeng tsena.
“Mopresidente wa naha—o lokela ho nka bohato ka taba ena,” ho boletse Mbalula. “Jwaloka ANC, re siya taba ena matsohong a Mopresidente hore a arabe ditaba tse hlahisitsweng ke Mkhwanazi. Ke ditaba tse tebileng, mme di hloka tlhokomelo e hlokolosi le boitshwaro bo matla.”
Le hoja Mbalula a sa ka a fana ka maikutlo a tebileng ho fihlela ho hlaka haholonyane, o ile a totobatsa hore ANC e ke ke ya amohela ho pata nnete. “ANC ha e eo ka ho pata nnete tabeng ena,” ho boletse Mbalula. “Ditaba tsena tsohle Di lokela ho rarollwa, mme re na le tshepo ya hore mmuso o tla di hlokomela ka boikarabello ka tlasa boetapele ba Mopresidente.”
Mkhwanazi o ile a makatsa setjhaba ka Sontaha ha a etsa dipolelo tse boima kgahlanong le Letona Mchunu hammoho le Motlatsi wa Mookamedi wa Maponesa wa Naha, Shadrack Sibiya, ba belaellwang ka ho kena-kena mesebetsing ya seponesa — ho kenyeletswa le ho qhalwa ha sehlopha se sebetsanang le dipolao tsa dipolotiki.
Ho ya ka Mkhwanazi, sehlopha sena se ne se se se hlahlobile dinyewe tse fetang 600, sa tshwara batho ba 436, le ho fumana dithunya tse seng molaong tse 156 pele se qhalwa ka la 26 Hlakubele 2025.
O boetse a bolela hore ho qhalwa ha sona ho amehile dipolotiking, kaha diphuputso tsa sona di ne di se di qala ho senola sehlopha sa botlokotsebe se matla se kenyeletsang bo-radipolotiki, babuelli, maponesa le borakgwebo — ba amanang le sehlopha sa dithethefatsi se sebetsang Gauteng.



