Tlosang ANC dikgethong tsa 2024, mme le re sala hantle SASSA le NSFAS, ho rialo Ramaphosa

MoPresidente wa African National Congress (ANC) Cyril Ramaphosa o lemositse bakgethi ba Afrika Borwa hore ha ba ka kgetha ANC hore e tswe pusong, ba tla la hlehelwa ke dithuso tsa setjhaba (SASSA) le sekema sa ditjhelete tsa baithuti (NSFAS).

Ha a bua Mbombela, Mpumalanga ka Mantaha, moo ANC e neng e tshwere moketjana o neng o tshwere mokete wa ho seha dikuku ho keteka letsatsi la bona la tswalo ya dilemo tse 112 pele ho polelo ya bona ya la 8 Pherekgong e reretsweng Moqebelo ona o tlang, Ramaphosa o re bakgethi ba lokela ho hopola hore ANC ke yona feela e tlisitseng tokoloho Afrika Borwa, mme eka se lokelwe ke ho lahlehelwa ke puso.

“Haeba ANC e hloleha ho fumana dikgetho tse ngata, National Student Financial Aid Scheme (NSFAS) le dithuso tsa setjhaba South African Social Security Agency (SASSA) di ka hlakolwa,” ho boletse Ramaphosa.

“Maano a rona e bile molemong wa batho ba futsanehileng. Ha ke tsebe naha e nngwe ka hara kontinente e itlammeng ho batho ba dimilione tse 18 ba amohelang dithuso, ba banyenyane le ba baholo, hammoho le ba eketsehileng ba dimilione tse 10 ba fumanang dithuso tsa R350,”ho boletse Ramaphosa.

Ramaphosa o tsitlallela hore tsela e le nngwe feela eo maAfrika Borwa a tla tswelapele ho rua molemo ka dithuso le merero ya dithuso tsa ditjhelete ke ka mmuso o etelletsweng pele ke ANC.

“Mathata a teng, mathata a mangata, ekaba kgaolo ya motlakase, ekaba mathata a metsi, ekaba mathata a tlhokahalo ya mesebetsi, e seke ea etsa hore o re ha o ilo kgetha hobane ha o sa kgetha ha o matlafatse mokgatlo o tswanang o etsang dintho tse ding tse ngata.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights