Mopresidente Cyril Ramaphosa o tseleng e lebang motseng wa Jagersfontein, profinsing ya Foreistata, moo seretse se bolaileng batho le ho senya matlo.
Malapa a fetang 200 a ile a falla ka mora hore aa senngwe ke dithara tse dikete tsa seretse.
Phatlalatsong e lokollotsweng, mmuelli wa ofisi ya Mopresidente Vincent Magwenya o itse Mopresidente Ramaphosa o lebisitse matshediso ho malapa a bahlaseluwa ba koduwa.
“Mehopolo le dithapelo tsa Mopresidente di ho malapa a batho ba bararo ba lahlehetsweng ke bophelo ketsahalong eo ho thweng e ne e ama ho phatloha ha peipi morafong wa Jagersfontein maobane ka Sontaha wa la 11 Lwetse,” ho rialo Magwenya.
Ho tlalehilwe batho ba bane ba lahlehileng ha ba ke neng sepetlele ele ba 23, ha ba ba bane ho tlalehwa hore maoto a bona a robehile.
Ramaphosa o boetse a bontsha kananelo ya hae bakeng sa mosebetsi wa dihlopha tsa pholoso.

