Moporesidente Cyril Ramaphosa ka Laboraro o tla etella pele pulo ya Seboka sa pele sa bo radiindasteri le Barekisi ba batsho Setsing sa Dikopano sa Matjhaba sa Sandton ho la Johannesburg.
E hlohlelleditswe ke Moporesidente ho tloha ho theoheng ha yona ka 2015, Seboka sa ho qala sa Baetsi ba Diindasteri le Ba Remantle ba Batsho se tla bontsha kgatelo-pele ya mehato ya mmuso mabapi le ho kgothalletsa phihlello le phetoho ho bo-radiindasteri ba bangata ba batho ba batsho, moruong le menyetla eo Lebatowa la Kgwebo, Africa Free Continental Trade Area (AfCTA) le fanang ka lona. .
Khonferense e tla hlakisa ka moo matlafatso e pharalletseng ka teng, le leano la tlhahiso ya mesebetsi, ka ho qolleha boleng boo e eketsang moruong.
Lenaneo lena ho fihlela jwale le matlafaditse boradiindasteri ba batho ba batsho ba fetang 800 ho kenyeletswa; batjha, basadi le batjha diindastering tse nang le tlhodisano.
Moporesidente Ramaphosa o tla fana ka puo ya sehlooho nakong ya kopano ya pulo ya kopano mme o tla etela dipontsho tsa mmaraka.
Hamorao mantsiboya, Moporesidente o tla fana ka dikgau ho boradiindasteri ba batho ba batsho ba ipabolang moketeng wa dijo tsa Mantsibuya tsa Moporesidente tsa boiketlo.
Khonferense e tla tshwara dipuisano tse tsheletseng tsa maemo a hodimo mabapi le ho lekola kgahlamelo ya matlafatso e batsi, ho matlafatsa sekgahla sa diphethoho, ho nolofatsa diphethoho – karolo ya ntshetsopele ya bafani le Theko, diphephetso le menyetla ya ho tshehetsa boradiindasteri ba batho ba batsho ka ditjhelete, ho kgothaletsa AfCFTA le Meralo e Meholo ya ho kgothalletsa kenyeletso ya moruo le ho lekanya phello ya BEE.
Phaneleng ho tla kenyelletsa Matona, baetapele ba dikgwebo, mekhatlo ya sechaba le boradiindasteri ba batho ba batsho ba hlahelletseng ka mahetla.
Seboka sena se tla eketsa monyetla wa hore baemedi ba teng ba kopane le bao e ka bang bafani ba ditjhelete, bareki le bafani ba thepa.

