Mookamedi wa Eskom Andre de Ruyter, o re Mokgahlelo wa 6 wa kgaollo ya motlakase o lebelletswe ho kengwa tshebetsong ho fihlela Laboraro mantsiboya o tla latelwa ke Mokgahlelo wa 4 ka Labone hoseng, mme o theohele Mothating wa 3 mafelong a beke.
De Ruyter o ne a bua le boraditaba ka mora ho kenngwa tshebetsong ha Mothati wa 6 wa ho kgaola motlakase ka Mantaha ka mora hore bonyane diyuniti tse robedi tse fehlang le diphephetso tsa phepelo ya mashala di bakile ditshitiso tse matla marangrang a motlakase.
O boletse hore setsi sa motlakase se ntse se sebetsa ho kgutlisetsa dikarolo tse mmalwa tshebeletso ho tlisa phomolo kgatellong eo sistimi ya motlakase e neng e le ho yona.
“Re shebile Lethabo [seteishene sa motlakase] unit 4, 5 le 2 hape le yuniti e Camden [seteishene sa motlakase]. Ka mor’a moo, re shebile ho khutla bofelong ba [Mantaha] matla a ka bang 3000MW a lateloe ke 2000MW e nngwe le e nngwe bakeng sa Labobeld, Laboraro le Labone. Seo se tla fokotsa haholo tshitiso ya hajwale eo re tobaneng le eona mabapi le bokhoni ba ho hlahisa mme se tla fokotsa kotsi.
“Empa moo re leng teng hona joale, ka lebaka la hore re ntse re sebetsa ka thata, ha re na boikhethelo haese ho kenya ts’ebetso ea ho tlosa motlakase Mothating wa 6 … ho fihlela tlhoro ya Laboraro mantsiboea mme ka Labone re tla be re khona ho qala ho theola seo ho Mothati wa 4 ha Mothati oa 3 oa ho fokotsa motlakase o fihlelleha mafelong a beke,” de Ruyter o boletse.
O itse tahlehelo e kholo ditsing tse fehlang e kentse kgaello e ka bang 6000MW bakeng sa tlhoro ya mantsiboea.
“[Ka Mantaha thapama] re bile le tahlehelo e felletseng ea 12 318MW e leng holimo haholo le lebaka la Mokhahlelo oa 6 oa khaollo ea motlakase. Joale re bile le tahlehelo e sa fellang ea thepa – hape e phahame haholo – ea 5993MW, ‘me re na le tahlehelo ea matla a kantle a amanang haholo le phepelo ea mashala Lethabo…ka 2100MW.
“Tlhoko eo re e bolelang esale pele bakeng sa [Mantaha] tlhoro ea mantsiboea ke 27 282MW hape ho na le khaello ea matla a ho fehla a 5834MW le… ho kenya tšebetsong Mothati oa 6 oa khaollo ea motlakase,” o boletse jwalo.


