Mohanto wa Setjhaba: 87 ya batho ba tshwerwe naheng ka bophara

Dihoreng tse 12 tse fetileng, baipelaetsi ba 87 ba tshwerwe ka ditlolo tse amanang le pefo setjhabeng naha ka bophara ke ditho tsa Sebopeho sa Naha se Kopanetsweng sa Tshebetso le Bohlale (NATJOINTS).

Sena ke ka lebaka la mohanto wa setjhabao e hlophisitsweng ke mokgahlo wa bohanyetsi, eleng Economic Freedom Fighters (EFF).

Ho theilwe kamano e haufi ya ho beha leihlo dipakeng tsa Natjoints le tse amehang – Projoints, ho tswela pele ho thibela le ho lwantsha tlolo ya molao le botlokotsebe ho tloha ka phethahatso ya thomelo e kopaneng.

Ho ya ka mookamedi wa seponesa Athlenda Mathe, hara ba mashome a robedi a metso e supileng ba tshwerweng, ba 41 ba ile ba tshwarwa Gauteng, 29 ka leboea-bophirimela, mme ba 15 be tshwerwe Foreisetata.

Ho boetse ho na le batho ba tšoeroeng liprofinseng tse ding tse kang Mpumalanga le Eastern Cape.

Dintlafatso di tla fanoa ha litaba li fumaneha.

Palomoka ya dithaere tse 24 300 di tshwerwe ke ditheo tsa qobello ya molao. Tsena e ne e le dithaere e behiloeng ka mawa ho etsa ditlolo tsa molao.

Dithaere tse 6000 di ile tsa tshwarwa Western Cape, 4500 Foreisetata, 3600 Gauteng, 1513 Kapa Botjhabela le tse mmalwa diporofenseng tse ding. o arolelana Brigadier Athlenda Mathe.

Ha e tiisa boitlamo ba eona ba ho sebeletsa le ho sireletsa baipelaetsi le bao e seng baipelaetsi, Natjoints e tiisa hore e ke ke ea mamella kapa ea lumella mefuta efe kapa efe ea tlolo ea molao le hore mang kapa mang e tla fumanwa e tlola molao e tla sebetswa ka nepo.

Ho phatlalla le Aforika Borwa, bahlanka ba qobello ya molao ba tla tswelapele ho emisa le ho thibela botlokotsebe, ho boloka taolo ea sechaba, ho sireletsa batho le thepa, le ho boloka le ho phethahatsa molao.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights