Mmuso o re o sebetsa bosiu le motsheare ho rarolla bothata ba ho kgaoha ha motlakase Afrika Borwa.
Ha a bua nakong ya mokete wa ho kwala Seboka sa ANC Kwazulu-Natal maobane, Mopresidente Cyril Ramaphosa o netefaditse hore mmuso o hlokometse ka ho kgaoha ha motlakase matsatsing a fetlieng, mme mmuso o se o entse mehato ya ho rarolla boemo bona.
Ramaphosa o bolelletse baemedi ba neng ba kene Sebokeng sa borobong sa ANC sa KwaZulu-Natal hore, ba ntse ba etsa bonnete ba hore matla a tlhahiso a fuwa tlhokomelo e hlokahalang haholo.
“Re se re phethela mme haufinyane re tla tsebahatsa sephuthelwana sa mehato ya tlatsetso, ho fokotsa kgatello e matla ya phallo eo esale re e bona nakong e mahareng,” ho rialo Ramaphosa.
“Ho fedisa kgallo ya motlakase nakong e mahareng, le ho netefatsa hore re na le tshireletso ya motlakase,” ho toboketsa Mopresidente.
Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, Ramaphosa o ne a le leetong la tlhokomelo ya diteishene tsa motlakase ho pholletsa le naha ho lekola bokgoni ba dikarolo tse fehlang motlakase le ho utlwisisa ditaba tse amanang le phepelo ya motlakase.
Moporesidente o ile a re qholotso e kgolo e neng e tobane le diteishene tsa motlakase ke bobodu bo senyang phepelo ya motlakase.
Bekeng e fetileng, Eskom e ile ya emisa ho kgaoha ha motlakase pele ho moo ho neng ho lebelletswe, ka ha e ne e hlalositse ka Labone hore kgaoho ya motlakase etla tswela pele ho fihla maobane ka Sontaha.

