- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
MoPresidente wa naha Cyril Ramaphosa o netefaditse maAfrika Borwa hore mmuso o tlo atolosa le ho ntlafatsa ditjhelete tsa Thuso ya Setjhaba ya R350 (SRD) jwalo ka kgato e latelang e lebisang ho tshehetso ya lekeno bakeng sa ba hlokang mesebetsi.
Ha a fana ka Puo ya ho qetela ya Boemo ba Naha (SONA) bakeng sa tsamaiso ya botshelela Holong ya Toropo ya Motse Kapa, MoPresidente o itse mmuso o hlahisitse thuso e kgethehileng nakong ya sewa sena, seo ha jwale se fihlelang batho ba ka bang dimilione tse 9 ba hlokang mesebetsi kgwedi le kgwedi.
“Re bone melemo ya thuso ena, mme re tla e atolosa le ho e ntlafatsa. Dithuso tsena di thusa setjhaba sa rona haholo maphelong a bona,” ho rialo Ramaphosa.
“Thuso ya Setjhaba e bontshitse bokgoni haholo moo teng, bana ba kgona ho kena dikolo le ho fokotsa ditekanyetso tsa ba tlohelang sekolo, le ho ntlafatsa palo ya ho atleha,” ho boletse MoPresidente.
Malebana le matsapa a ho sebetsana le bofuma, MoPresidente Ramaphosa o itse maano le mananeo a mmuso, nakong ya dilemo tse 30, a ntshitse dimilione tsa batho bofuma bo nyarosang.
“Kajeno, ke batho ba mmalwa feela Afrika Borwa ba phelang bofutsaneng. Ka 1993, Afrika Borwa e ile ya tobana le phephetso e kgolo ya bofuma, moo karolo ya 71.1 lekgolong ya baahi ba yona e neng e phela bofutsaneng,” Ramaphosa o boletse.


