- uThando: BQueen’s heartfelt Gospel song with a modern vibe - October 20, 2025
- School access dispute: march movement resists the basic education’s policy stance - October 17, 2025
- Unlocking financial success: The power of knowledge and professional advice - September 30, 2025
Ditho tsa seponesa sa Bothaville sa paterole ya ditsela tse kgolo di thoholeditswe ka mora ho thabisa baahi ka ho tshwara bo radithetefatsi ka Mantaha, kala 28 Phupu.
Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng, koloi e putswa ya moetso wa Tata Indica, e ile ya hlahella e belaetsa bosiung boo ba Mantaha.
“Maponesa a ile sa atamela koloi ena mme ba etsa kopo ya ho lekola ka hare ho bapalami. Bobeding ba bona, bapalami ba ile ba mamela,” ho tsebisa Thakeng.
Sajene Sebodi le leponesa Mokoena ba ile ba batla ka raha koloi mme ba fumana mekotla e 27 ya dagga. Ho feta moo, maponesa a na a ile a elellwa hore babelaellwa bana ba babedi hase baahi ba Afrika Borwa.
Babelaellwa ba dilemo di 22 le 35 ba tshwerwe kaho tshwara dithetefatsi tsa dagga. Koloi e neng ba e palame e ile ya nkuwa ke seponesa.
Babelaellwa ba babedi ba hlahile ka pela makgotla a dinyewe a Bothaville ka Laboraro, kala 26 Phupu.
Mokomishinara wa setereke sa Lejweleputswa wa nakwana, o thololeditse seponesa ka moseebtsi o tswileng matsoho.






