MoPresidente wa mehleng Nelson Mandela, o ile a re “Thuto ke sebetsa se matla se ka sebediswang ho fetola lefatshe”.
Keitumetse Portia Mahini (27) o netefatsa mantswe a na ka ho sebetsa ka thata hore a fehlelle ho ba e mong wa dingaka tse nyenyane Afrika Borwa.
Keitumetse ke ngwana wa pele ho bana ba bane lapeng labo.
O hodisitswe ke mme wa hae le batswadi ba hae ka bobedi. O holetse le ho kena sekolo motseng wa Madibogo, North West.
O ithutetse bongaka Univesiting ya Wits, Johannesburg ka mora hore a phethele dithuto tsa hae tsa sehlopha sa 12. O sebetsa sepetleleng sa Helen Joseph.
O re o hloka ho ba le lerato mosebetsing wa hao le qenehelo, hobane mosebetsing o tlo kopana le diphephetso tse ngata jwalo ka ngaka e sebetsang ka maphelo a batho.
“O hloka Lerato hore o dule ka hare ho lefapha la bophelo bo botle hobane hona le diphephetso tse ngata tse ka etsang o qetelle o se o tlohela mosebetsi”, ho bollela Mahini.
O tswela pele ka hore o hloka ho ba le mosa le tlhompho hobane e se ele tlwaelo hore basebeletsi ba lefapha la bophelo bo botle ba hloka tlhompho le mosa ho tloha ho baoki ho ya ho dingaka.
O re mamello e thusa hore o atlehe hobane bongaka bo hloka hore o ithute ka mehla mme dintho tse ding o ke ke wa di tseba ho tloha qalong empa o lokela ho ithuta le ka diphoso tsa hao.
Tse ding tsa diphephetso tseo ba kopanang le tsona ke tlhokeho ya basebetsi ba lekaneng, sena se etsa hore dingaka di be le mosebetsi o mongata haholo mme bakudi ba qetella ba sa kgotsofalle ditshebeletso tseo ba di fumanang.
Keitumetse o kgothaditswe ke tshehetso ya mme wa hae le matjhere a hae le dibuka tseo a di badileng.
O re o ne a sa batle ho ipona a tshwana le banana ba bang ba imang ba le banyenyane dilemong le ho hloka boikemelo bophelong.
Hape o re o kgothatswa ke ho bona dineurosurgeon tse nyenyane ha holo tsa batho ba batho hobane le yena o batla hoba neurosurgeon ka moso.
Keitumetse o kgothaletsa batjha ba ratang ho ba dingaka empa matshwao a bona a matiriki a sa ba dumelle ka hore ba ka kgutlela sekolo ba ilo lokisa matshwao a bona kapa ba ka ithutela mesebetsi e meng ka hare ho lefapha la bophelo bo botle e ka ba thusang hore ba fehlelle bongaka.
E ne ele e mong wa Baithuti ba paseditseng hodimo ka di naledi setekeng sa habo ha a ne a le
matiriki. O fihlelletse ho phehela dithuto tsa hae tsa bongaka.







