- Winburg protest | Batjha ba bararo ba tshwerwe kamora ho tlatlapa mabenkele, le teraka nakong ya boipelaetso ba setjhaba - August 11, 2022
- Hoopstad school loses equipment, food worth R400k to thieves - August 10, 2022
- Tsiloane sisters’ PlastiBricks gains greater momentum countrywide - August 10, 2022
Banyana Banyana e ile ya bewa moqhaka wa mafumahadi ka mora ho hlola sehlopha se thata empa hape se le maqithi sa Morocco, moo teng ba hapileng setlo sa bona sa pele sa Mohope wa Dinaha tsa Aforika (Wafcon) Lebaleng la Prince Moulay Abdellah ho la Rabat, Morocco ka Moqebelo bosiu.
E ne e le makgaola-kgang a neng a hlodisana ka thata empa qetellong, sehlopha sa naha sa basadi ba Aforika Borwa se ile sa qhelela ka thoko moya o tshosang o bakilweng ke tshehetso e kgolo ya lehae mabaleng ho hapa papadi 2-1.
Ka mora halofo ya pele e se nang sepheo, Hildah Magaia o ile a beha Banyana pele ha ne a otla moqapi wa Morocco Khadija Er-Rmichi metsotsong ya bo-63 ka mora mosebetsi o motle ka ho le letshehadi ke Jermaine Seoposenwe.
Magaia ha a ka a qeta, mme a phethela marako a hae ka ho penya pompo ka motsotso wa bo-71, hape Seoposenwe e le ena moqapi wa sehlooho wa sepheo.
Empa Morocco e ile ya lwana, mme ya hula sepheo ka morao ho Rosella Ayane ka motsotso wa bo-80.
E ne e le bosiu bo kganyang ho Banyana Banyana ha Andile Dlamini ha a ne a tsamaya le kgau ya Molebedi wa Diphaello tsa Tlhodisano pele ho nehelana ka semolao mohope ho bomampodi ba batjha.
Moporesidente wa Safa Danny Jordaan o ne a le teng ho amohela mohope ho tswa ho moporesidente wa CAF Patrice Motsepe.